BIBELE e Halalelang

Jobo 2:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.

3. Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.

4. Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae.

5. O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.

6. Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.

7. Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.

8. A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.

9. Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!

10. Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na?Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.

11. Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.