BIBELE e Halalelang

Jobo 19:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. O ntlhobodisitse kganya ya ka, o rotse moqhaka hloohong ya ka.

10. O ntshentse ka nqa tsohle, mme ke fedile; o epolotse tshepo ya ka jwaloka sefate.

11. Kgalefo ya wona e tukile hodima ka, o ntadimile jwaloka sera sa wona.

12. Makgotla a wona a futuhetse nna, a iphunyeditse tsela ho tla ntshwara, a hlomile a teetse tente ya ka hare.

13. O suthiseditse banabeso hole le nna, bao ke tsebanang le bona ba ikentse basele ho nna.

14. Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse.

15. Bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ba ntadima jwaloka hoja ke osele; ho bona ke ya sa tsejweng.

16. Ke bitsa mohlanka wa ka, ha a arabe, leha ke mo rapela ka molomo wa ka.

17. Phefumoloho ya ka e nkga ho mosadi wa ka, le monko wa ka o mobe ho bara ba mme.