BIBELE e Halalelang

Jobo 19:17-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Phefumoloho ya ka e nkga ho mosadi wa ka, le monko wa ka o mobe ho bara ba mme.

18. Esita le bana ba nnyedisa le bona; ha ke re ke a tsoha, ba bua hodima ka.

19. Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna.

20. Masapo a ka a kgomaretse letlalo la ka le dinama tsa ka, ke phonyohile ka thata ka letlalo la meno a ka.

21. Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.

22. Na le ntlhorisetsang jwaloka Modimo? Ha le kgolwe keng ka nama ya ka?

23. Hola mantswe a ka a ka ngolwa jwale! Hola a ka ngolwa bukeng!

24. A ke a ngolwe ka tshepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng.

25. Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng.

26. Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng.