BIBELE e Halalelang

Jobo 19:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jobo a fetola, a re:

2. Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae?

3. Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola!

4. Ha ekaba ke nnete ha ke kgelohile, molato oo ke taba ya ka.

5. Ha le fela le ikgodisa ka nna, mme le dihela ho nna molato wa dihlong tseo ke dutseng ho tsona,

6. le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.

7. Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang.

8. O thibile mmila wa ka hore ke se ke ka feta, mme tseleng ya ka o beile lefifi.

9. O ntlhobodisitse kganya ya ka, o rotse moqhaka hloohong ya ka.

10. O ntshentse ka nqa tsohle, mme ke fedile; o epolotse tshepo ya ka jwaloka sefate.

11. Kgalefo ya wona e tukile hodima ka, o ntadimile jwaloka sera sa wona.