BIBELE e Halalelang

Jobo 16:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ke haholwa ke kgalefo ya wona; o ikentse sera ho nna, o phuranya meno ho nna; eo e leng sera ho nna o ntlhaba ka mahlo a bohale.

10. Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.

11. Modimo o nneetse matsohong a ba bolotsana, o nkakgetse diatleng tsa ba babe.

12. Ke ne ke phela hantle, empa o nthobile; o ntshwere ka molala, o nthobakile; o mpeile sebeo sa ho phosa ha wona.

13. Metsu ya wona e nkwetse hodimo, e etswa nqa tsohle; o ntlhabile matheka, o se na mohau; wa tsholla nyoko ya ka fatshe;

14. wa nntsha leqeba hodima leqeba, wa mphallela jwaloka mohale.

15. Ke apesitse letlalo la ka ka lesela le mahwashe, mme ka silafatsa lenaka la ka ka lerole.

16. Sefahleho sa ka se rurusitswe ke dillo, botsho ba lefu bo apesitse dintshi tsa ka.

17. Leha ho le jwalo, ha ke pate letho le sa lokang letsohong la ka, thapelo ya ka e hlwekile.

18. Wena, lefatshe, o se ke wa pata madi a ka! mohoweletso wa ka o se ke wa kgutsa!

19. Le jwale, bonang, paki ya ka e mahodimong, mme molatoledi wa ka o nqalong tse hodimodimo.

20. Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;