1. Jobo a fetola, a re:
2. Ditaba tse jwaloka tseo ke se ke kgotshe tsona; kaofela ha lona le batshedisi ba kgathatsang.
3. Dipolelo tsa lefeela na di fedile na? Kapa se o arabisang hathata jwalo keng?
4. Le nna, ke ne nka bua jwaloka lona, hoja le dutse ditulong tsa ka; nka be ke loha ditaba hodima lona, ka oma ka hlooho ho lona;
5. nka be ke le matlafisa ka molomo wa ka, ka le tiisa ka ho bebenya ha melomo ya ka.