BIBELE e Halalelang

Jobo 14:7-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hobane tshepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengwa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela;

8. leha motso wa sona o ka tsofala mobung, mme kutu ya sona e ka shwela leroleng,

9. ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.

10. Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?

11. Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;

12. motho le yena o ye a robale, mme ha a sa tsoha; ho fihlela lehodimo le eba siyo, ho ke ke ha tsohuwa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae.

13. Jo! hola o ka mpata nqalong ya bafu! Hola o ka nkwahela teng, kgalefo ya hao ya ba ya feta, wa mpeela letsatsi leo o tla nkgopola ka lona!

14. Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;

15. o ne o tla bitsa, ke ne ke tla araba, mme o ne o tla hlolohelwa mosebetsi wa matsoho a hao!

16. Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.

17. Ho tlola ha ka ho manehelletswe mokotleng, o tiisitse makgopo a ka.

18. Thaba di a wa, di a fela, lefika le theteha bodulong ba lona;

19. metsi a fata majwe, diphororo di ya le lerole la lefatshe; o senya tshepo ya motho jwalo.

20. O mo qala kamehla, a be a ikele; o sosobanya sefahleho sa hae, o be o mo kgutlise.

21. Bara ba hae leha ba hlonephuwa, ha a tsebe; leha ba fumaneha, ha a ba lemohe.

22. Ke bakeng sa hae feela nama ya hae e utlwang bohloko; ke bakeng sa hae a nnotshi moya wa hae o swabang.