BIBELE e Halalelang

Jobo 14:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ke yena eo o mo tjamelang; ke nna eo o mo isang tsekong le wena!

4. Na ho ka ntshuwa motho ya hlwekileng mothong ya ditshila? Le hanyenyane.

5. Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,

6. o tlose mahlo a hao ho yena, o mo fe sebaka, hore a tle a be a thabe jwaloka ya thotsweng, ha a thabela letsatsi leo a le sebeditseng.

7. Hobane tshepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengwa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela;

8. leha motso wa sona o ka tsofala mobung, mme kutu ya sona e ka shwela leroleng,

9. ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.

10. Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?

11. Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;