BIBELE e Halalelang

Jobo 13:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.

19. O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.

20. Feela, o ntshitse ka ntho tse pedi, etlaba ke moo nke keng ka pata sefahleho sa ka pela hao.

21. O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.

22. O bitse, mme ke tla araba, kapa ho bue nna, mme wena o nkarabe.

23. Makgopo a ka le dibe tsa ka di kae na? O ntsebise tshito ya ka le molato wa ka.

24. O patelang sefahleho sa hao? O ntadimelang jwaloka eka ke sera ho wena?

25. Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?