BIBELE e Halalelang

Jobo 13:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Kgutsang, le ntese ke bue; nke ke hlahelwe ke seo nka hlahelwang ke sona.

14. Ke thusang, leha nka tshwara nama ya ka ka meno a ka, ka fuparela moya wa ka letsohong la ka?

15. Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;

16. ke hona ho tla ba poloko ho nna; hobane moikaketsi a ke ke a itlhahisa pela wona.

17. Elang hloko, le mamele polelo tsa ka, mme ditaba tsa ka di kene ditsebeng tsa lona.

18. Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.

19. O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.

20. Feela, o ntshitse ka ntho tse pedi, etlaba ke moo nke keng ka pata sefahleho sa ka pela hao.

21. O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.

22. O bitse, mme ke tla araba, kapa ho bue nna, mme wena o nkarabe.

23. Makgopo a ka le dibe tsa ka di kae na? O ntsebise tshito ya ka le molato wa ka.