BIBELE e Halalelang

Jobo 1:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.

12. Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena.Yaba Satane o tloha pela Jehova.

13. Ka letsatsi le leng, ha bara ba hae le baradi ba hae ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,

14. ha fihla lenqosa ho Jobo, la re ho yena: Dikgomo di ne di lema, mme diesele di ne di fula pela tsona;

15. yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

16. Motho eo a re a sa bua, ha tla e mong, a re: Mollo wa Modimo o wele lehodimong, o tjhesitse dinku le badisa, mme o ba qetile; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

17. Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

18. Yare eo a sa bua, ha tla e mong, a re: Bara ba hao le baradi ba hao ha ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,

19. bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

20. Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:

21. Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.

22. Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, mme ha a ka a bea molato ho Modimo.