BIBELE e Halalelang

Jobo 1:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.

2. O ne a tswetse bara ba supileng le baradi ba bararo.

3. Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.

4. Bara ba hae ba ne ba ena le mokgwa wa ho etsetsana mmoka, matlung a bona, e mong le e mong ka tsatsi la hae; mme ba ne ba romela ho laletsa dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho ja le ho nwa le bona.

5. Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.

6. Ka tsatsi le leng, bara ba Modimo ba tla ho itlhahisa pela Jehova, mme Satane a kena hara bona.

7. Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.

8. Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.

9. Yaba Satane o araba Jehova, a re: Na ke feela ha Jobo a tshaba Modimo na?

10. Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?