BIBELE e Halalelang

Jeremia 8:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Nkile ka mamela, mme ke utlwile: ha ba bolele ho lokileng; ha ho e mong ya swabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse jwang? Bohle ba matha tseleng ya bona jwaloka pere e mathelang ntweng.

7. Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.

8. Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.

9. Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?

10. Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.

11. Mme ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.

12. Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.