BIBELE e Halalelang

Jeremia 8:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.

19. Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?

20. Kotulo e se e fedile, ho fetile lehwetla, mme rona ha re a namolelwa.

21. Ke bohloko ke leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ke na le bofifi, ke tshwerwe ke bolokwana.

22. Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?