BIBELE e Halalelang

Jeremia 52:22-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hlooho ya koporo e ne e le teng ntlheng ya hodimo ya yona; bolelele ba hlooho e nngwe e ne e le ditswe tse hlano; letanta le digaranata di ne di le teng molaleng wa hlooho, e le tsa koporo kaofela ha tsona; tshiya ya bobedi e ne e le jwaloka eo, e ena le digaranata.

23. Digaranata di ne di le mashome a robileng mono o le mong le metso e tsheletseng, ka nqa tsohle, kantle, mme digaranata tsohle di ne di le lekgolo letanteng le molaleng.

24. Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.

25. Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.

26. Bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba tshwara, a ba isa ho morena wa Babilona, Ribla.

27. Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe.Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.

28. Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.

29. Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare, a tlosa Jerusalema batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a nang le mashome a mararo a metso e mmedi.

30. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Nebukadresare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a isa kgolehong Bajuda ba makgolo a supileng a nang le mashome a mane a metso e mehlano. Batho kaofela e bile dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.

31. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa kgoleho ya Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, selemong seo a qadileng ho busa ka sona, a emisa hlooho ya Jojakine, morena wa Juda, a mo ntsha teronkong.

32. A bua le yena hantle, a phahamisa setulo sa hae ho feta ditulo tsa marena a mang a neng a le ho yena Babilona.

33. Yaba Jojakine o hlobola diaparo tsa hae tsa teronko; a nna a ja dijo pela morena ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae.

34. Haele dijo tsa hae, e leng dijo tsa matsatsi wohle, a nna a di fuwa ke morena wa Babilona, ka tsatsi le leng le le leng, ho fihlela tsatsi la ho shwa ha hae, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.