BIBELE e Halalelang

Jeremia 51:58-64 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

58. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.

59. Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.

60. Jeremia a ngola bukeng e nngwe bobe kaofela bo neng bo tla tlela Babilona, e leng mantswe kaofela ao a ngodilweng bakeng sa Babilona.

61. Yaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha o fihla Babilona, o tle o bale mantswe ao kaofela;

62. o re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, o boletse hore e tla ripitlwa, e se hlole e eba le moahi, leha e le motho, leha e le kgomo; empa e nne e be lefeella ka ho sa feleng.

63. Etlare hobane o qete ho bala buka ena, o tlamelle lejwe ho yona, o e akgele Eufrate;

64. o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae.Mantswe a Jeremia a kgutla moo.