BIBELE e Halalelang

Jeremia 51:55-60 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

55. Hobane Jehova o ya senya Babilona, a fedise modumo o moholo ho yena; hobane ho duma maqhubu a bona jwaloka metsi a maholo, ho phahama modumo o tshabehang wa bona.

56. Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.

57. Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

58. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.

59. Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.

60. Jeremia a ngola bukeng e nngwe bobe kaofela bo neng bo tla tlela Babilona, e leng mantswe kaofela ao a ngodilweng bakeng sa Babilona.