BIBELE e Halalelang

Jeremia 51:42-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Lewatle le tlile Babilona, o apesitswe ke ho dumaduma ha maqhubu.

43. Metse ya hae e entswe lesupi feela, naha e tshehla le lefeela, lefatshe le se nang motho ya ahileng ho lona, leha e le ngwana motho ya fetang ka lona.

44. Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.

45. Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.

46. Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.

47. Ka baka leo, bonang, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya Babilona; lefatshe la hae kaofela le tla hlabiswa dihlong, baahi bohle ba hae ba we ho yena ba hlabilwe.

48. Mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho tsona, di tla tshela ditlatse tsa thabo ka Babilona; hobane basenyi ba tla mo tlela ba etswa nqa leboya, ho bolela Jehova.

49. Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.

50. Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.

51. Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.

52. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya hae, mme lefatsheng lohle la hae ba hlabilweng ba tla fehelwa.

53. Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.

54. Lentswe la pokollo le tswa Babilona, le la tshenyo e kgolo lefatsheng la Bakalde.