BIBELE e Halalelang

Jeremia 51:27-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.

28. Le mo tsosetse ditjhaba, marena a Bamede, le mahosana a bona, le babusisi kaofela ba bona, le mafatshe wohle a matleng a bona.

29. Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.

30. Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.

31. Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;

32. le hoba madiboho a tshwerwe, ho tjhesitswe mahlaka ka mollo, bahlabani ba thekesela.

33. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.

34. Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.

35. Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.