BIBELE e Halalelang

Jeremia 51:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

20. O no o le tjhaka ya ka le dibetsa tsa ntwa, ke nnile ka pshatla ditjhaba ka wena, ka timetsa mebuso ka wena.

21. Ka wena ke nnile ka pshatla pere le mopalami wa yona, ka wena ka pshatla koloi le ya e hlweleng.

22. Ka wena ka pshatla monna le mosadi; ka wena ka pshatla ya hodileng le e motjha; ka wena ka pshatla mohlankana le morwetsana.

23. Ka wena ke nnile ka pshatla modisa le mohlape wa hae; ka wena ka pshatla molemi le dipholo tsa hae, ka wena ka pshatla mahosana le babusisi.

24. Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.

25. Bona, ke tla ho wena, thaba e senyang, ho bolela Jehova, wena ya senyang lefatshe kaofela; ke tla otlolla letsoho la ka hodima hao, ke o dihe mafikeng, ke o fetole thaba e tjhesitsweng;

26. ho ke ke ha hlola ho nkwa lejwe la ntlha ho wena leha e le lejwe la motheo; empa o tla fetoha lesupi feela ka ho sa feleng, ho bolela Jehova.

27. Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.

28. Le mo tsosetse ditjhaba, marena a Bamede, le mahosana a bona, le babusisi kaofela ba bona, le mafatshe wohle a matleng a bona.

29. Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.

30. Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.