BIBELE e Halalelang

Jeremia 50:34-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.

35. Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.

36. Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.

37. Lerumo le hodima dipere tsa hae, le hodima makoloi a hae, le hodima bajaki kaofela ba ho yena, mme ba ya fetoha basadi; lerumo le hodima matlotlo a hae, hore a tle a hapuwe.

38. Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe, hobane ke lefatshe la ditshwantsho tse betlilweng, mme ba hlanyetsa medimo ya bona.

39. Ka baka leo, diphoofolo tsa lefeella di tla dula teng, diphokojwe le dimpshe di ahe teng, mme ha a sa tla ahuwa le ka ho sa feleng; ha a sa tla ba le batho le ka ho sa yeng kae.

40. Jwalokaha ho kile ha eba mohla Modimo o ripitlang Sodoma le Gomorra, le mathoko a teng, ho bolela Jehova, ka mokgwa o jwalo, ha ho ka ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.

41. Bonang, ho ya tla setjhaba se tswang leboya; setjhaba se seholo le marena a mangata a ya hlaha a etswa dikgutlelong tsa lefatshe.

42. Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.

43. Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.

44. Bonang, jwalokaha tau e nyoloha mahlakeng a Jordane, o nyolohela leaho le thata; ke tla ba balehisa ho lona kapele, mme eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?

45. Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Babilona, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng lefatshe la Bakalde: Ruri, ba tla ba hulanya jwaloka dikonyana tse nyenyane. Ruri, o tla senya leaho la bona hammoho le bona!

46. Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.