BIBELE e Halalelang

Jeremia 50:26-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Le futuheleng, lona ba tswang dipheletsong tsohle; phahlang difala tsa lona, le le bokelle, le be jwaloka qubu ya mangata, mme le le neele thohako; le se ke la siya letho la lona.

27. Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.

28. Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.

29. Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.

30. Ka baka leo, bahlankana ba hae ba tla wa diterateng, bahlabani bohle ba hae ba fediswe tsatsing leo, ho bolela Jehova.

31. Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.