BIBELE e Halalelang

Jeremia 5:3-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.

4. Mme nna ka re: Bao ke mafutsana le mawatla, haele moo ba sa tsebe tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona.

5. Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.

6. Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.

7. Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.

8. Ke dipere tse kgotsheng, tse mathang kahohle; e mong le e mong o llela mosadi wa molekane wa hae.

9. Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?

10. Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.

11. Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.

12. Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;

13. haele baporofeta, ke moya feela, lentswe la Jehova ha le yo ho bona; ba ke ba etswe jwalo hle.

14. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Erekaha le boletse taba eo, bona, lentswe la ka ke tla le etsa mollo molomong wa hao, setjhaba sena e be lehong, o tle o ba timeletse.