BIBELE e Halalelang

Jeremia 5:22-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.

23. Empa setjhaba seo se na le pelo e hanyetsang, e ikgantshang; ba kwenehile, mme ba ile.

24. Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.

25. Makgopo a lona a kgelositse ntho tseo, le hanetswe melemo eo ka dibe tsa lona.

26. Hobane ba babe ba teng setjhabeng sa ka, ba nanarelang jwalokaha ho kgukgunela batshwasi ba dinonyana; ba tjheha sefi, ba tshwasa batho.

27. Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.

28. Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.