BIBELE e Halalelang

Jeremia 5:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Bonang, lona ntlo ya Iseraele, ke ya le tlisetsa setjhaba se hole, ho bolela Jehova, setjhaba se matla, setjhaba sa kgale, seo o sa utlweng puo ya sona, o sa utlweng seo se se bolelang.

16. Kgohlopo ya sona e jwaloka lebitla le ahlamileng; ke bahale kaofela.

17. Se tla ja lehwetla la hao le bohobe ba hao; se je bara ba hao le baradi ba hao; se je dinku tsa hao le dikgomo tsa hao, se je merara ya hao le difeiye tsa hao, se heletse ka lerumo metse ya hao e diqhobosheane, eo o e tshepileng.

18. Leha ho le jwalo, tsatsing lona leo, ho bolela Jehova, nke ke ka le fedisetsa ruri.

19. Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.

20. Tsebisang ntlo ya Jakobo taba ena, le e bolelle Juda, le re:

21. Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.

22. Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.

23. Empa setjhaba seo se na le pelo e hanyetsang, e ikgantshang; ba kwenehile, mme ba ile.

24. Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.

25. Makgopo a lona a kgelositse ntho tseo, le hanetswe melemo eo ka dibe tsa lona.

26. Hobane ba babe ba teng setjhabeng sa ka, ba nanarelang jwalokaha ho kgukgunela batshwasi ba dinonyana; ba tjheha sefi, ba tshwasa batho.