BIBELE e Halalelang

Jeremia 49:33-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Mme Hatsore e tla nne e be letsaba la diphokojwe, le lefeella ka ho sa feleng; ho ke ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.

34. Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Elame, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, la re:

35. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla roba seqha sa Elame, matla a sebele a bona.

36. Ke tla hlahisetsa Elame meya e mene e tswang ntlheng tse nne tsa lehodimo, ke ba hasanyetse meyeng eo yohle, ho tle ho se be setjhaba seo bajaki ba Elame ba sa fihleng ho sona.

37. Ke tla thothometsa Elame pela bao e leng dira ho bona, le pela ba batlang bophelo ba bona, ke ba hlahisetse kotsi, e leng kgalefo e tjhesang ya ka, ho bolela Jehova; mme ke ba phallele ka lerumo, ke tle ke ba fedise.

38. Ke tla bea terone ya ka Elame, ke fedise morena le ba baholo teng, ho bolela Jehova.

39. Leha ho le jwalo, mehleng ya ho qetella, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Elame, ho bolela Jehova.