BIBELE e Halalelang

Jeremia 48:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Lona ba mabapa le yena kaofela, mo utlweleng bohloko, le lona bohle ba tsebang lebitso la hae, le re: E robilwe jwang thupa e thata, lere la bokgabane?

18. Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.

19. Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?

20. Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.

21. Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,

22. le Dibone, le Nebo, le Bethe-Diblathaime,

23. le Kiryathaime, le Bethe-Gamule, le Bethe-Meone,

24. le Keriothe, le Botsra, le metseng yohle ya lefatshe la Moabe, e leng haufi, le e leng hole.

25. Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.

26. Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.

27. Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?

28. Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.

29. Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.