BIBELE e Halalelang

Jeremia 48:12-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, matsatsi a tla ao ke tla roma batsholli ka wona, ba tla mo tsholla, ba tsholle dipitsa tsa hae, ba bolaye makuka a hae.

13. Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.

14. Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?

15. Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.

16. Tsietsi ya Moabe e se e ya tla kapele, kotsi ya hae e a akofa le ho akofa.

17. Lona ba mabapa le yena kaofela, mo utlweleng bohloko, le lona bohle ba tsebang lebitso la hae, le re: E robilwe jwang thupa e thata, lere la bokgabane?

18. Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.

19. Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?

20. Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.

21. Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,

22. le Dibone, le Nebo, le Bethe-Diblathaime,

23. le Kiryathaime, le Bethe-Gamule, le Bethe-Meone,

24. le Keriothe, le Botsra, le metseng yohle ya lefatshe la Moabe, e leng haufi, le e leng hole.

25. Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.