BIBELE e Halalelang

Jeremia 46:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.

10. Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.

11. O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.

12. Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.

13. Lentswe leo Jehova a kileng a le bolella moporofeta Jeremia, bakeng sa Nebukadresare, morena wa Babilona, mohla a neng a tle, a re, o tla otla lefatshe la Egepeta, ke lena:

14. Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.

15. Dinatla tsa hao di rapaletse keng? Ha ho ya emeng, hobane Jehova o ba dihela fatshe.

16. Ho eketseha ba wang, e mong a wele hodima molekana hae, ba re: Tsoha, re boeleng ho setjhaba sa heso, le lefatsheng la ho tswalwa ha rona, re balehele lerumo le bohale.

17. Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.