BIBELE e Halalelang

Jeremia 46:13-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Lentswe leo Jehova a kileng a le bolella moporofeta Jeremia, bakeng sa Nebukadresare, morena wa Babilona, mohla a neng a tle, a re, o tla otla lefatshe la Egepeta, ke lena:

14. Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.

15. Dinatla tsa hao di rapaletse keng? Ha ho ya emeng, hobane Jehova o ba dihela fatshe.

16. Ho eketseha ba wang, e mong a wele hodima molekana hae, ba re: Tsoha, re boeleng ho setjhaba sa heso, le lefatsheng la ho tswalwa ha rona, re balehele lerumo le bohale.

17. Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.

18. Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.

19. O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.

20. Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.

21. Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.

22. Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.

23. Ba tla rema moru wa hae, ho bolela Jehova, leha o teteane; hobane ba bangata ho fetisa ditsie, palo ya bona ha e balwe.

24. Moradi wa Egepeta o hlabiswa dihlong, o neelwa matleng a setjhaba sa Leboya.

25. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.

26. Ke tla ba neela matleng a ba batlang bophelo ba bona, le matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matleng a bahlanka ba hae; empa hamorao, Egepeta o tla boela a ahuwe jwaloka mehleng ya kgale, ho bolela Jehova.

27. Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.

28. Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.