BIBELE e Halalelang

Jeremia 46:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke lona lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia bakeng sa ditjhaba.

2. Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.

3. Lokisang thebe le thejana, le atamele ho lwana.

4. Bofang dipere, mme le kallise bapalami; emang ka diheleme, leotsang marumo, le apare kobo ya tshepe.

5. Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

6. Ya leng lebelo a se ke a baleha, le mohale a se ke a phonyoha; ka nqa leboya lebopong la noka ya Eufrate, ba thekesela, ba wela teng.

7. Ke mang eo ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile, jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona?