BIBELE e Halalelang

Jeremia 41:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba Ishmaele, mora Nethania, o tswa Mitspe ho ya ba kgahlanyetsa, a ya a ntse a lla; yare ha a teana le bona, a ba bolella, a re: Tloong ho Gedalia, mora Akikame.

7. Eitse ha ba fihlile hare ho motse, Ishmaele, mora Nethania, a ba bolaya, a ba lahlela lemeneng, a ena le batho bao a nang le bona.

8. Empa batho ba leshome ba eba teng ho bona, ba bolella Ishmaele, ba re: O se ke wa re bolaya, hobane re na le moo re patileng koro naheng, le harese, le ole, le dinotshi. Yaba o a ba lesela, mme ha ba ka ba eshwa le ba habo bona.

9. Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.

10. Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.

11. Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba neng ba le ho yena, ba utlwa diketso tsohle tse mpe tseo Ishmaele, mora Nethania, a di entseng.

12. Yaba ba nka batho ba bona kaofela, ba phalla ho lwantsha Ishmaele, mora Nethania; ba mo fihlela metsing a maholo a haufi le Gibeone.

13. Yare ha setjhaba kaofela se leng ho Ishmaele se bona Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba leng ho yena, sa ithabela.

14. Setjhaba kaofela seo Ishmaele a neng a se tshwere Mitspe sa reteleha, sa sokoloha, sa ya ho Johanane, mora Karea.

15. Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.