BIBELE e Halalelang

Jeremia 41:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.

2. Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;

3. le bona Bajuda kaofela ba neng ba le teng ho Gedalia, Mitspe, le Bakalde ba neng ba le teng, e le bahlabani, Ishmaele a ba bolaya.

4. Ka tsatsi la bobedi, ha Gedalia a setse a shwele, ho ntse ho sa tsebe motho,

5. ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.

6. Yaba Ishmaele, mora Nethania, o tswa Mitspe ho ya ba kgahlanyetsa, a ya a ntse a lla; yare ha a teana le bona, a ba bolella, a re: Tloong ho Gedalia, mora Akikame.

7. Eitse ha ba fihlile hare ho motse, Ishmaele, mora Nethania, a ba bolaya, a ba lahlela lemeneng, a ena le batho bao a nang le bona.

8. Empa batho ba leshome ba eba teng ho bona, ba bolella Ishmaele, ba re: O se ke wa re bolaya, hobane re na le moo re patileng koro naheng, le harese, le ole, le dinotshi. Yaba o a ba lesela, mme ha ba ka ba eshwa le ba habo bona.

9. Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.

10. Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.