BIBELE e Halalelang

Jeremia 39:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.

3. Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.

4. Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata.

5. Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.

6. Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.

7. A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona.

8. Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.

9. Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.

10. Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.

11. Nebukadresare, morena wa Babilona, a laela Nebusaradane, molaodi wa balebedi, bakeng sa Jeremia, a re:

12. Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella.