BIBELE e Halalelang

Jeremia 38:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.

3. Ho itswe ke Jehova: Motse ona o tla neelwa ruri matleng a makgotla a morena wa Babilona, mme o tla o kena.

4. Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.

5. Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.

6. Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.

7. Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.

8. Yaba Ebede-Meleke o tswa tlung ya morena, a ya bua le morena, a re:

9. Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.

10. Yaba Morena o laela Ebede-Meleke, Moethiopia, a re: Inkele batho ba mashome a mararo mona, o nyolle moporofeta Jeremia lemeneng, a eso ho shwe.

11. Yaba Ebede-Meleke o inkela batho bao, a ya ka tlung ya morena, katlasa kamore ya polokelo, a inkela ditsiba le dikatana tse onetseng, mme a di theolela ho Jeremia, ka lemeneng, ka marapo.

12. Mme Ebede-Meleke, Moethiopia, a bolella Jeremia, a re: Hlo o bee ditsiba le dikatana tse onetseng katlasa mahafi a hao, katlasa marapo. Jeremia a etsa jwalo.

13. Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.

14. Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.

15. Jeremia a bolella Tsedekia, a re: Ha nka o bolella taba, ha ke re, o tla mpolaya na? Leha nka o eletsa, ha ke re, o tla hana ho nkutlwa na?

16. Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.