BIBELE e Halalelang

Jeremia 35:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. re se ke ra haha matlo ho itulela teng, re se be le tshimo ya merara, le ha e le tshimo le nngwe, leha e le dijalo.

10. Re nnile ra dula ditenteng, mme re utlwile, re bile re entse tsohle tseo Jonadabe, ntata rona moholo, a re laetseng tsona.

11. Empa enere ha Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela lefatshe lena, ra ba ra re: Tloong, re keneng Jerusalema, re tloheng pela makgotla a Bakalde le pela makgotla a Basiria; yaba ke moo re ahileng Jerusalema.

12. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, la re:

13. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Na le ke ke la amohela thuto, le tle le utlwe mantswe a ka na? Ho bolela Jehova.

14. Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa.

15. Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.

16. Athe bara ba Jonadabe, mora Rekabe, ba nnile ba boloka taelo ya ntata bona moholo, eo a ba laetseng yona; empa setjhaba sena ha se a ka sa nkutlwa.

17. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.

18. Haele ntlo ya bana ba Rekabe, Jeremia a ba bolella, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Erekaha le utlwile taelo ya Jonadabe, ntata lona moholo, mme le bolokile ditaelo tsa hae kaofela, mme le entse hohle hoo a neng a le laetse hona;

19. ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ho ke ke ha hlokeha motho wa Jonadabe, mora Rekabe, ya emang pela ka le ka mohla o le mong.