BIBELE e Halalelang

Jeremia 35:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:

2. Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.

3. Yaba ke nka Jaasania, mora Jeremia, mora Habasinia, le banababo, le bara ba hae kaofela le bana kaofela ba Rekabe;

4. ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.

5. Ka bea dipitsa tse tletseng veine le mehope pela bana ba Rekabe, ka re ho bona: Nwang veine.

6. Ba araba, ba re: Ha re nwe veine, hobane Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, o ne a re laele, a re: Le se ke la nwa veine, lona le bana ba lona ka ho sa feleng.

7. Le se ke la haha matlo, le se ke la jala dijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho a rua, le mpe le nne le dule ditenteng ka ditshiu tsohle tsa lona, hore le tle le phele ditshiu tse ngata lefatsheng leo le ahellang ho lona.