BIBELE e Halalelang

Jeremia 35:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:

2. Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.

3. Yaba ke nka Jaasania, mora Jeremia, mora Habasinia, le banababo, le bara ba hae kaofela le bana kaofela ba Rekabe;