BIBELE e Halalelang

Jeremia 31:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.

21. O ikemisetse sefika, o itlhomelle disupatsela; lebisa pelo ya hao tseleng, tseleng eo o tsamaileng ka yona; boya, morwetsana wa Iseraele, boela metseng yona eo ya hao.

22. O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.

23. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!

24. Bajuda ba tla ikahela teng hammoho le metse ya bona, balemi le ba tsamayang le mehlape.

25. Hobane ke tla phodisa moya o nyorilweng, moya o mong le o mong o tapileng ke o kgorise.

26. Bakeng sa tseo ka phaphama, mme ka tadima; boroko bo ne bo le monate ho nna.

27. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.

28. Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.

29. Mohlang oo, ha ba sa tla hlola ba re: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a hlile a thella.

30. Empa e mong le e mong o tla shwa ke bokgopo ba hae; e mong le e mong ya jang morara o bodila, meno a hae a tla thella.

31. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;

32. e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.

33. Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

34. Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.