BIBELE e Halalelang

Jeremia 3:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.

4. Ha ke re, le jwale o sa bitsa ho nna, o re: Ntate, o motswalle wa botjha ba ka?

5. Na o tla nne a lose disuwa ka ho sa feleng? Na o tla nne a hloname ka ho sa yeng kae? Bona, o rialo, empa o ntse o sebetsa bobe, mme o bo phethile.

6. Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.

7. Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona.

8. Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.

9. Ka bofebe bo tumileng ba hae, Iseraele o silafaditse lefatshe; o febile le lejwe le sefate.

10. Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.

11. Jehova a re ho nna: Iseraele mokwenehi yena o lokile ho fetisa Juda ya sa tshepehang.

12. Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.

13. Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.

14. Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.

15. Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.