BIBELE e Halalelang

Jeremia 29:26-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.

27. Mme jwale, ha o a ka wa kgalemela keng Jeremia wa Anathothe ya ntseng a le porofetela?

28. Hobane ke ka baka leo a rometseng ditaba ho rona Babilona, a re: Ho sa tla isa halelele; hahang matlo, le ikahele teng; lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.

29. Moprista Sofonia a bala lengolo leo ditsebeng tsa moporofeta Jeremia.

30. Yeba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, la re: O romele taba ho ba kgolehong kaofela, o re:

31. Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;