BIBELE e Halalelang

Jeremia 29:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.

2. Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.

3. Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:

4. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ho ba kgolehong kaofela, bao ke ba faladitseng Jerusalema, ke ba isitseng Babilona:

5. Hahang matlo, le ikahele teng, lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.

6. Nyalang basadi, le tswale bara le baradi; le nyadise bara ba lona basadi, le batlele baradi ba lona banna, ba tle ba tswale bara le baradi, le tle le anafale teng, le se ke la boba.

7. Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.

8. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.

9. Hobane ba le porofetela ka leshano lebitsong la ka; athe ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova.