BIBELE e Halalelang

Jeremia 27:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano.

17. Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona, mme le tla phela. Le ratelang hoba motse ona o etswe lesupi?

18. Ekare ha e le baporofeta, mme lentswe la Jehova le le teng ho bona, ba ke ba rapele Jehova wa makgotla, hore mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema a se ke a nkelwa Babilona.

19. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa ditshiya, le sa letsha, le sa didulo, le sa mafiso a mang a sa setseng motseng wona,

20. ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;

21. Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re bakeng sa mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema:

22. A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.