BIBELE e Halalelang

Jeremia 25:7-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa ha le a ka la nkutlwa, ho bolela Jehova, e le hore le tle le mphephetse ka diketso tsa matsoho a lona, ke tle ke le hlahisetse bobe.

8. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Erekaha le sa ka la utlwa lentswe la ka,

9. bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.

10. Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.

11. Lefatshe lena lohle le tla etswa tshenyeho le makatso, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.

12. Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.

13. Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.

14. Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.

15. Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;

16. hore di tle di nwe, di thekesele, di hlanye pontsheng ya lerumo leo ke le romelang hara tsona.

17. Yaba ke nka senwelo letsohong la Jehova, ka nosa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:

18. e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;

19. le Faro, morena wa Egepeta, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le setjhaba sa hae kaofela;

20. le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;

21. Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;