BIBELE e Halalelang

Jeremia 25:26-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. le marena kaofela a Leboya, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso yohle ya lefatshe e bophareng ba lefatshe; mme morena wa Sheshake (Babilona) o tla nwa kamora bona.

27. O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.

28. Etlare ha ba ka hana ho nka senwelo letsohong la hao ho nwela teng, ebe moo o ba bolellang, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho nwa le tla nwa.

29. Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.

30. Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.

31. Modumo o ya ya le pheletsong ya lefatshe, hobane Jehova o na le tseko le ditjhaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.

32. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, bobe bo ya tswa setjhabeng se seng, bo ye setjhabeng se seng, lerole le tshabehang le ya tsoha dikgutlelong tsa lefatshe.

33. Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.

34. Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.

35. Setshabelo se tla hlokahalla badisa, le ho pholoha ho be siyo ho beng ba mohlape.

36. Mohoo wa badisa o tla phahama le pokollo ya beng ba mohlape, hobane Jehova o tla senya makgulo a bona.