BIBELE e Halalelang

Jeremia 22:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho itswe ke Jehova: O theohele ka tlung ya morena wa Juda, mme teng o mmolelle lentswe lena,

2. o re: Mamela lentswe la Jehova, wena morena wa Juda, ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, bao le kenang ka menyako ena.

3. Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.

4. Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.

5. Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.

6. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!

7. Ke tla o memela basenyi, e mong le e mong a tle ka dibetsa tsa hae, ba tle ba reme dikedare tse ratehang tsa hao, ba di lahlele mollong.

8. Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?