BIBELE e Halalelang

Jeremia 18:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke lena lentswe le tlileng ho Jeremia le etswa ho Jehova, la re:

2. Tloha, o theohele tlung ya mmopi wa dipitsa; teng ke tla o tsebisa mantswe a ka.

3. Yaba ke theohela tlung ya mmopi, ka mo fihlela a sebetsa ka mabadi.

4. Pitsa eo a neng a e etsa ka letsopa ya senyeha matsohong a mmopi; a boela a qala, a etsa pitsa e ntjha kamoo mmopi a ratileng ho etsa kateng.

5. Yaba lentswe la Jehova le tla ho nna, la re:

6. Ha ke re, le nna nka etsa ka lona, ntlo ya Iseraele, kamoo mmopi eo a entseng kateng, ho bolela Jehova? Bonang, jwalokaha letsopa le le letsohong la mmopi, le lona, ntlo ya Iseraele, le jwalo letsohong la ka.

7. Ere ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se epolla, ke se heletse, ke se imetse,

8. ha setjhaba sena ke se boletseng se sokoloha bokgopong ba sona, le nna ke tla kgutla bobeng boo ke neng ke hopotse ho bo etsetsa sona.

9. Ekare ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se ahisa le ho se hloma,

10. ha se ka etsa bobe pela ka, sa hana le ho utlwa lentswe la ka, le nna ke tla kgutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona.

11. Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.

12. Ba mpa ba re: Ha ho thuso! Re mpa re tla ya ka boithatelo ba rona, e mong le e mong a tle a etse ka ditakatso tsa pelo ya hae e mpe.

13. Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.

14. Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?