BIBELE e Halalelang

Jeremia 17:21-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.

22. Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.

23. Empa ha ba ka ba utlwa leha e le ho sekeha ditsebe, ba ile ba satalatsa melala, hore ba se ke ba utlwa, ba se ke ba amohela thuto.

24. Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,

25. ho tla nne ho kene ka menyako ya motse ona marena a lona le mahosana a lona a ituletseng teroneng ya Davida, a kene ka makoloi, a palamile dipere, e le wona le baholo ba setjhaba, le batho ba Juda le baahi ba Jerusalema; mme motse wona o tla nne o ahuwe ka ho sa feleng.

26. Ba tla tloha metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema, le naheng ya Benjamine, le lehwatateng, le thabeng, le nqeng ya borwa, ba tlise ditjheso, le mahlabelo, le dinyehelo, le dibano, ba tlise le dineo tsa diteboho ka tlung ya Jehova.

27. Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.