BIBELE e Halalelang

Jeremia 17:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Jwalokaha ba hopola bana ba bona, ba hopola dialetare tsa bona jwalo le diashera tsa bona pela difate tse mahlaku, marallaneng a maleletsana.

3. Thaba ya ka le masimo a yona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla di neela kgapo, le tsona dinqalo tse diphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeding ya hao kaofela.

4. Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.

5. Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.

6. O jwaloka ya itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo; o ahile dibakeng tse tshehla, lefatsheng le lebu, le sa ahuwang.

7. Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Jehova, eo tshepo ya hae e leng Jehova.

8. O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.

9. Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?

10. Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.

11. Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.