BIBELE e Halalelang

Jeremia 17:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.

12. Esale ho qaleng, nqalo ya sehalalelo sa rona ke terone e phahamileng ya kganya.

13. Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.

14. Oho Jehova, mphodise, ke tle ke fole; o mpholose, ke tle ke pholohe, hobane o thoko ya ka.

15. Bona, bao ba re ho nna: Le kae lentswe la Jehova? A le ke le hlahe hle!

16. Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.

17. O se ke wa ba letsoso ho nna; o setshabelo sa ka tsatsing le lebe.

18. Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.

19. Jehova a ba a mpolella, a re: Eya, o eme monyako wa bana ba setjhaba, oo marena a Juda a kenang ka wona le ho tswa ka wona; o eme le menyakong yohle ya Jerusalema;

20. mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.

21. Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.

22. Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.